Page 69 - SCAT Rural Voice II - 35 Stories for 35 Years
P. 69
I have been on a long journey with our farming project. If I remember well it took me five years of failing before I won an agricultural competition and went to represent the Free State province in East London. We were awarded the best emerging agriculture project in the Free State Province. We achieved this with the help of SCAT, World Vision and the departments of Agriculture and Social Development. I am now at the point where I can help others start farming projects of their own. For this, I would like to say thank you to SCAT, there is no word above thank you.
rE JALA PEO yA BOKAMOSO BA rOnA
Ke Mmabatho Phandliwe ke ngwana wa matsibolo wa mme le ntate Phandliwe baneng ba bararo. Ke tswa mo motseng o monyane o bitswang Tweefotein trust e e leng 30km hoya toropong ya Thaba nchu. Ha o kena ka motse o kopana le molatswana le difate tsa boloukomo, ho na le leralla hodima lona, hona hapele kereke ya kgale e bitswang roman Catholic le tse ding tse tharo tsa molao. E be sekolo ka thoko ho motse, matlo a teng a kaba 138.
Ke motho ya ratang kereke hobane ke rata Modimo. Ke motho ya senang puo e telele empa ke rata ho mamela batho ba buwang dintho tse ahang. Ke simolotse mosebetsi Vista University ke le mohlwekisi, ha mosebetsi o fela ke ha ke tla kgutlela mo hae. Ke mo ke simolotseng ho bona mathata le tlala ka lebaka la tlhokeho ya mosebetsi le bana ba senang letho malapeng a bona. yaba ke qala temo ka 2007 le bomme ba bang. Ke ne ke sa tsebe letho ka temo. Ke fumane thuso ho tswa mafapheng a fapafapaneng, mohlala Agriculture, Social Development, SCAT le World Vision. Le ho tsamaya dikopanong tse batho ba rutwang teng (workshops) dithuto tse tsamaelang le kgwebo yaka.
Ke fumane tshehetso ka tsela tse fapaneng mabapi le ntho e ke e etsang. Motho e ke kopaneng le ena pele ho SCAT ke Mme Pixie ka 2012. O fihlile a re thusa hore re ka sebetsa jwang le community ya rona. Ka morao ra kopana le ntate Tladi le ena a fihla a refa tsebo ya hae. Afana ka dithupelo tse fapafapaneng, e nngwe ya tsona ke ho sebetsa ka chelete. re kopane re le diporojeke tse pedi e leng Mmabatho le Kgoanyape, ra etsa mokgatlo o bitswang Atamelang. re thusa sechaba sa rona ka merogo e re e jalang haholo maqeku le bana ba senang letho malapeng a bona, re nale supu kitchen e thusang kliniki e motseng wa rona ka dijo ha nngwe mo kgweding.
Mathata a re neng re kopana le ona haholo ke komello ha pula e le siyo. Lebaka ke hore ha re kgone ho ntsha dikuno tse atlehileng. Pele re kopana le SCAT hone ho le that haholo, re kgonne ho bona tsela ha e fihla ho rona. Re ne re lema ka maoto empa hona jwale re tseba ho kenya terekere hore e leme. Metsi le o na e ne e le bothata, empa hona joale re na ra thuseha ra fumana tanka tsa dijojo hore re tsebe ho boloka metsi. Le diphoofolo di ne di ja dijalo hona jwale re ke ntse fense re kgona ho notlela diheke tsa rona.
Ke tsamaile leeto le letelele ke ntse ke kena ditlhodisanong tsa temo, ha ke hopola hantle ke nkile dilemo tse hlano ke ntse ke feila, sa botshelela ke ha ke hlola ke be ke lo emela provinsi ya Free State ko East London ka thuso ya mafapha a ke seng ke a boletes e leng SCAT, Agriculture, Social Development and World vision.
Ke ithutile hore ho mamella nthong ye onang le tumelo ho yona o ka kgona, ha fela o na le boitshepo. Hona jwale ke ikutlwa ke le mafofolo ho fana ka thupelo ho ba batlang tsebo ka temo. . ya bofelo taba ke rata ho leboha SCAT ka workshop e na le mme ya neng a re ruta o ne a re ruta ka tsela e bobebe hore re utlwisise ntho ye a buwang ka yona. Ke rata ho re ke ya leboha haholo ho feta lentswe teboho.
FOOD seCUrity
RuRal Voice ii: 35 stories for 35 years
67